Thala-boliba News

Thala-boliba News

Re u beha leseling ka lietsahala tsa morao-rao Lesotho le machabeng

11/07/2023

11-07-23

Lesotho, Maseru- Muso oa Lesotho o re kamora liphuputso TSE entsoeng tse supang ha BASOTHO ba kaholimo ho halofo ea milone ba le tlokotsing ea ea tlala, o ikelelitse ho reka lijo- thollo tsa BASOTHO ele mokhoa wa ho nanabetsa letsoho h**e ba hlole boemo boo ba leng ho bona

Lijo tsena Ke linaoa Le poone

50kg ea linaoa tsa lebete e tla a 1,5k
Pinto 1,2k
Tonne ea poone e tlaba 5500

11/07/2023

11-07-23

Maseru, Lesotho- letona la lichelete Le ntshetso-pele ea meralo Mohlomphehi Rets'elisitsoe Matlanyane o re bafani ba nehelane ka chelete e baloang ka limilone e neng e reretsoe ho etsa lintlafatso metseng Le metsaneng, empa o re chelete e joalo ho sebelitse e fokolang Mme ha ho tsejoe e ngoe e entseng kapa e nyametse kae

Ka hona o ipilelitse ho ho basebetsi makaleng h**e ebang ba sitoa ho etsa mosebetsi oo ba u tshepetsoeng Ke sechaba, ba itokolle ba Fe ba batlang ho etsa mosebetsi

A phethela ka h**e bafani ba fana ka lichelete h**e ba bone na chelete eo ba faneng ka yona e entseng

23/06/2023

Study Tour on Integrated Water Resources Management Begins in Lesotho

Lesotho, Maseru - A study tour aimed at promoting effective transboundary water resources management and climate-informed approaches commenced on Tuesday in Maseru, Lesotho. Representatives from the East African Community (EAC) and the Southern African Development Community (SADC) regions have come together to exchange knowledge and experiences in the field of Integrated Water Resource Management and Development (IWRM&D) in the Lake Victoria Basin.

The study tour, organized by the Lake Victoria Basin Commission (LVBC), seeks to facilitate the implementation of sustainable development, management, and equitable utilization of water resources. It focuses on three key strategic interventions: supporting IWRM investments, coordinating basin-wide water data and information, and strengthening the capacity of relevant institutions involved in water resources management.

The German Development Cooperation is also actively involved in supporting the integrated management of transboundary water resources in the Lake Victoria Basin and the East African Community through two projects. The first project, the LVB Integrated Water Resources Management Programme (LVB IWRMP), aims to improve water quality in the basin through strategic investments. The second project is the GIZ Technical Cooperation (TC) support, which focuses on strengthening the LVBC in IWRM and institutional framework development.

During the week-long study tour, delegates will visit the ReNOKA watershed rehabilitation project in the lowlands and the Katse Dam in the highlands of Lesotho. Mr. Motoho Maseatile, the Director of the Water Affairs Department at the Ministry of Natural Resources, warmly welcomed all the participants and emphasized the importance of the tour in exchanging information and ideas. The agenda includes discussions on Lesotho's national initiatives, such as the Lesotho Highlands water project, whi

22/03/2023

Maseru- Banna ba babeli ba hlahile kapele ho Lekhotla la ’Maseterata Maseru kajeno – 22/03/2023 ba qosoa ka polao ea moshanyana ea lilemo li 13 oa Ha Lehata.

Bona ke ntate-moholo Sello (Morui) Tsibolana (79) oa Ha Sello Sehlabeng sa Matsieng le Tlali (Mosamo) Mohale (32) oa Ha Moitheri. Ba emetse nyeoe ba le litlamong. Ba tla hlaha Lekhotleng hape ka La 04/04/2023. Tlaleho e supa ha mofu a ne a tsamaea le Tlali ba tsoa Liforong, eaba mofu o se a tsietsana ka nako e khutšoane a felloa ke bophelo.

Nyeoe ena e ntseng e batloa ke Detective Police Constable Lebaka liphuputso tsa eona li ile tsa lebisa ho baqusuoa ’me li fumane h**e telu-putsoa o ile a fa Tlali moriana oo a neng a itse a o fe mofu, a etse bonnete ba h**e oa onoa a tla tsebe ho shoa.

O na mo file meriana e ’meli; o mong o ne o tšetsoe tsoekere h**e ha aka hana ho noa oa pele, a tle a mo fe o tsoekere empa tlaleho e supa ha mofu a ile a noa oo o neng o sena tsoekere.

Sesosa sa polao ena ke hobane hothoe ntate oa mofu oa ikhantša ebile liphoofolo tsa hae li ntle ka hona ba ne ba re ba mo soetse ka ngoana.
Tlali o hlalosoa a ne a tloaetse mofu, ’me pelaelo ke h**e eka nna eaba mofu o lumetse ho noa moriana hobane a ne a sa belaele letho.

21/03/2023

Maseru-Lehlohonolo Meea ea lilemo li 24 oa Tshakholo, o hlahile lekhotleng la Maseterata Mafeteng kajeno a qosoa ka polao ea ntatae ea lilemo li 66.

Ho ea ka tlaleho ea sepolesa e supa ha bao ba babeli ba ile ba qoaketsana ha Ntate wa hae a re a mofe papa eseng lesheleshele, eaba eo o qalella ho Kabaka Ntatae ka molamu ho fihlela a nehela Moya

Meea o tla boetse a hlaha khotla ka la 4 khoeling e tlang

07/03/2023

Maseru-hosane ho tla ketekoa Letsatsi la machaba la basali holong ea liboka Manthabiseng maseru
Basali BOHLE ba buletsoe

06/03/2023

Maseru-mokhatlo oa SAPPA O re o tshehetsa qeto e entsoeng Ke mmuso ea ho etsa molao oa patala ea lekhetho Ke likhoebo tsa mothamahane kahara naha KAHA hoo ho tlo fokotsa sekhahla sa tshebeliso ea joala Le koae esita Le ho emisa ho rekisetsa BANA ba tlase lilemong joala

06/03/2023

Maseru-karolo e ngoe ea sechaba ea Africa Boroa e re letona la sepolesa Bheki Cele Le behelloe ka thoko KAHA ha a sebetse

06/03/2023

Letona la thuto la Free-state Africa Boroa, Tate Makghoe o timeletse kotsing ea koloi BEKENG e fetileng

06/03/2023

Maseru-mekha ea bohanyetsi ea Africa Boroa ere lekhotla la matona Le fokotsoe Mme ho fokotsoe ba sa etseng mosebetsi

06/03/2023

Maseru-President ea Africa Boroa Cyril Ramaphosa o tla ts'etlehela sechaba puo kajeno ka hora ea borobeli ka ho hlokoloa hoa lekhotla la matona

03/03/2023

Wasco e butse metsi

03/03/2023

SECHABA SE TSEBISOA H**E SE SE KE SA AMOHELA CHELETE EA AFRICA BOROA KAHA BOHOLO BA YONA E NA LE MATHATA

24/02/2023

NA HOA HLOKAHALA H**E LIKHOHLOPO(CONDOMS)LI FANOE MAHALA EMPA LIPADS TSONA LI REKISOA FELA ELE TLHOLEHO MOTHO A SA IKHETHELE HO EA LINAKONG TSA BOSALI?

23/02/2023

Maseru -Lefapha la lekhotla la thuto e phahameng CHE Le tla tshoarela barutoana career guidance ka la 2 Le la 3 khoeling e tlang
Moo ho tla beng ho mengoe likoloi tse 15 tsa kahara Naha Le tsa Botswana Le Africa Boroa ka srpheeo sa h**e morutoana a tla kenye Le likopo tsa hae ka eona nako eo ho latela na 9 khahluwe Ke sekolo se feng
Ho tla ba teng Le ba fanang ka lihlapiso Mme makeno e tla ba 10 maloti fela

Likoloi Ke tsa tsa thuto e phahameng

23/02/2023

ANA U NU TSEBA H**E HO EA KA MOLAO WA TSELENG, KE TLOLO EA MOLAO HO TSAMAYA KA KOLOI E TSUBANG? U KA TSHOAROA WA KENA TERONKONG

15/02/2023

LETSATSI LA LICHOMANE

Maseru- Kajeno lefats'e le keteka le ho ananela batho ba sa kenang likamanong tsa lerato.

Letsatsi lena la 15 Hlakola le latela letsatsi la baratani le ketekoang ka la 14 Hlakola.

13/02/2023

Maseru-STANLIB Lesotho e phalletse Mokhatlo oa bophelo oa likereke Lesotho (CHAL)ka koloi ea moetso oa Toyota Avanza

CHAL e re e leboha haholo ka mphohali ena KAHA e tlo thusets haholo litliniking tsa eona tse 71 Le lipetleleng tse 4 esita Le likolong tsa eona tse 4

13/02/2023

Mohlomphehi Tonakholo Samuel Ntsokoane Matekane otla etsa puo ka hora ea borobeli mantsibuea. Puo ea hae e mabapi le litlolo tsa Molao le lipolao tse sehloho tse jeleng setsi. Puo e tlaba TV Lesotho le Radio Lesotho.

11/02/2023

AKA KE MOFU

Mpumalanga- Khalala ea mmino oa Rap Afrika Boroa Kiernan Forbes ea tsebahalang ka lebitso la AKA o timetse maobane kamora ho thunyoa Kwazulu Natal nakong eo a leng ho engoe ea likhoebo tsa thekiso ea lijo Florida.

Ho ea ka phala ea sepolesa sa KwaZulu Natal Colonel Robert Netshiunda monna ea lilemo li 35 oa sebini ea tsebahalang o thuntsoe le motsoalle oa hae nakong eo ba neng ba ea koloing ea bona sebakeng sa thekiso ea lijo Florida, Kwazulu Natal.

Lelapa la Forbes le lona le tiisitse tahlehelo ea khalala ena ea ngoan'a lona ka polelo e tsoileng hoseng kajeno.

Sena Colonel Netshiunda o se hlalositse puisanong le SA Fm hoseng kajeno.

09/02/2023

'MUSO O TSETELA BOKHOTHO-KHOTHO MOTLAKASENG

Maseru- 'Muso oa Afrika Boroa o tlo tsetela chelete e (R1,500,000,000,000.00) 1,5 trillion ho kena mokhoeng o mocha oa motlakase (just energy transition) nakong ea lilemo tse 5 ho qala lemong se tlo qala sa lichelete.

Sena se builoe ke Moetapele oa naha eo Cyril Ramaphosa nakong eo a fanang ka puo ea pulo ea Paramente holong ea toropo ea Cape Town mantsiboea a Labone.

09/02/2023

SONA 2023

Government declares the national state of disaster to deal with the impact brought by loadshedding

09/02/2023

_SONA 2023
Ramaphosa confirms loadshedding has caused immense mess to economy & livelihoods

09/02/2023

RAMAPHOSA O TEKA MAANO

Maseru- Moetapele oa Naha ea Afrika Boroa Cyril Ramaphosa kajeno ka hora ea bosupa mantsiboea (19:00hrs) o tla bua le sechaba ka lintlha tseo puso ea habo e rerileng ho li lokisa le tseo e rerileng ho li fihlela selemong sena.

Puo ena Ramaphosa o tla e fetisa a le tulong e kopanetsoeng ea lekhotla la sechaba le lekhotla la liporofense moahong oa Paramente Cape Town.

Hara tse lebelletsoeng ke h**e a tle a hlalose na puso ea habo e tlo fenya joang bothata ba ho khaoha-khafetsa ha motlakase naheng eo.

30/01/2023

Maseru - MOKHATLO OA SEFAPANO SE SEFUBELU SE TSHOARANE KA MATSOHO LE WORLD VISION O ETETSE MALAPA A ANGOENG KE P**A E MATLA TSE TSHOLOHILENG BEKENG E FETILENG MATUKENG LERIBE.

MOKHATLO O BOETSE O ETETSE LE MALAPA A MANG SIXONDO QUTHING HO THUSANA HO BATHO BA ANOENG KE METSI

20/01/2023

Likhomo!!

MID-DAY WEATHER UPDATE (19-01-2023)

TLHALOSO EA MAEMO A LEHOLIMO
Kajeno (19/01/2023): Le koahetse ka ho khetha libaka, ‘me hoa chesa libakeng tse ka mabalane empa ho futhumetse ho isa ho batla ho chesa ka maloting ka p**a libakeng tse ling le moea o bobebe le mahareng ho hlaha leboea-bophirima. Ho ntse ho na le monyetla (40%) oa p**a libakeng tse ngata thapama le ka phirimana ‘me e ka tsamaea le meea e matla le sefako libakeng tse ling tse ka boroa-bochabela. Ho ka lebelloa le koahele ka ho khetha libaka, ‘me ho be mahareng bosiu ka moea o fokang o le bobebe ho isa o ba mahareng ho hlaha leboea-bophirima. Ho ntse ho na le monyetla (30%) oa p**a mona le mane ho isa ekaba p**a e itjalileng e ka khemang le lialuma.
Hosane (20/01/2023): Ho ka lebelloa h**e le koahele ka ho khetha libaka ho futhumale ho isa ho chesa, ka monyetla (40%) oa p**a e itjalileng e ka khemang le lialuma. Moea o ka lebelloa ho foka o le bobebe le mahareng ho hlaha leboea-bophirima.

18/01/2023

Setereke sa Qacha'snek se li hula nthau ka sephetho sa MAPOMELO SA 2022

18/01/2023

Maseru-LETONA LA THUTO LE KOETLISO MOHLOMOPHEHI NTOI RAPAPA O RE SEPHETHO SA MAPOMELO SA 2022 SE TLO TSOA KA KHITLA(12:00)
MME SE TLA FUMANOA HO MARANG RANG HO WWW. EXAMCOUNCIL. ORG. LS/WWW EDUCATION. ORG. LS, HA BA SEBELISANG MEHALA BA TLA ETSA MOLAETSA NOMORONG EA 65123 ELENG BASEBELISI BA ECONET HA BA VCL BA TLA ROMELA MOLAETSA HO 54222

07/01/2023

Kajeno sehlopha sa Afrika Boroa Keizer Chiefs se keteka lilemo tse 53 se thehiloe. Se thehiloe la 7 January 1970.

24/12/2022

[KETSAHALO EA HAJOALE]

Mpumalanga- Batho ba mmaloa ba timetse ha ba bang ba tsoile likotsi tse mpe nakong eo tanka ea gas e phahlohang Boksburg lih**eng tse fetileng.

Ho ea ka tlaleho ea Newsroom Africa, ho timetse batho ba 8, ho lemetse ba lefapha la pholoso ba 8 ha batho ba bang ba tsoile lokotsi tse mpe.

Want your business to be the top-listed Advertising & Marketing Company in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Website

Address

Tshenola
Maseru
MASERU100

Other Social Media Agencies in Maseru (show all)
O jelloa ke mang? O jelloa ke mang?
Maseru

We strive to help people to find who thier partners are cheating them with just inbox us your concerns and we help you

Africa4Blacks Africa4Blacks
Maseru

AFRICAN COMMUNITY

Malume Media Malume Media
Maseru
Maseru

Malume Media is a Social Media Agency, created for both real news and comedy.

E-HUB Entertainment E-HUB Entertainment
Maseru

Youth agency that tackle social life challenges and share reality activities

Anonymous phish Anonymous phish
Morija
Maseru

@Anonymous phish Helps in hacking accounts such as -Facebook -WhatsApp

AnythingSocial AnythingSocial
Maseru, 0100

Lesotho's Leading Social Media Agency

Thaka Tsa Mphato Thaka Tsa Mphato
Maseru

-Re fana ka litaba tsa 'nete Le oena u ka refa litaba Re bapatsa likhoebo Re u thusa ho bapatsa koloi

Applied Comms Applied Comms
Maseru
Maseru

Only from R50 - Graphics, Videos, Websites, Photo Editing, Advertising, Documents (PDF Editing, Scanned.

Institute of Content Engineering Institute of Content Engineering
08 Lethole Street
Maseru, 0100

Our content Marketing Agency combines a world-class team of content marketing experts and Context