Ministry of Home Affairs - Lesotho

Ministry of Home Affairs - Lesotho

You may also like

Van Chat Pham
Van Chat Pham

MANDATE:
To register and affirm the identity, status of citizens & non-citizens and their livestock,

02/09/2024

π“π‹π‡πŽπŠπŽπŒπ„π‹πˆπ’πŽ! π“π‹π‡πŽπŠπŽπŒπ„π‹πˆπ’πŽ!

Lekala la Puso ea Libaka, Borena, tsa Lehae le Sepolesa le lemosa Sechaba ka mafosisa
a tokomane ea lefofo e ntseng e potoloha ho marang-rang, e supang ha Sechaba sa Basotho se kaba le bojaki ba naha ea Africa Boroa bo ka ba lumellang ho sebetsa ka thello ka ntle ho lipehelo tsa mofuta ofe kapa ofe.

Tse ling tsa litokomane tsena li kentse mokorotlo ha tse ling e le letΕ‘oao la naha (Code of Arms). Litaba tse amang Sechaba sa Basotho ka liqeto tse fihletsoeng ke linaha tsena tse peli li tla phatlalatsoa joalokaha ho ntse ho etsahala ka Lekala la Puso ea Libaka, Borena, tsa Lehae le Sepolesa ha β€˜moho le Lekala la tsa Machabeng.

Lekala le lemosa Sechaba h**e litaba tseo ke mafosisa a reretsoeng ho ferekanya le ho
ikhapela chelete ea Sechaba ka litsela tse fosahetseng.Ka hona, lekala le ipiletsa ho Sechaba sohle ho tlaleha hang-hang liketsahalo tsena metebong ea sepolesa e haufi.

Ho fumana tlhakisetso e pharalletseng litabeng tsena, letsetsa linomoro tse latelang; 22215900.Tsona li fumaneha lih**eng tsa ts'ebetso

28/02/2024

π“π‹π‡πŽππ‡πˆπ’π„π“π’πŽ 𝐄𝐀 π‹π„π“π’π€π“π’πˆ 𝐋𝐀 π‡πŽ 𝐍𝐄𝐇𝐄𝐋𝐀𝐍𝐀 πŠπ€ πŒπ€π‘π€ππŽ 𝐀 𝐓𝐒'π„ππ„π“π’πŽ π‡πŽ 𝐄𝐀 𝐓𝐋𝐀𝐍𝐆 π‡πŽ 𝐓𝐒'πŽπ€π‘π€ πŒπŽπ‹π„ππŽ 𝐇𝐀 ππ€πŠπŽπ€ππ€ 𝐃𝐂𝐏 𝐃𝐑. πŒπ€π‡π‹π€ππ„ πŒπŽπ‘π€πˆ 𝐄𝐋𝐄 πŒπŽπŽπŠπ€πŒπ„π‹πˆ πŽπ€ π’π„ππŽπ‹π„π’π€ 𝐒𝐀 π‹π„π’πŽπ“π‡πŽ. 𝐓𝐒'π„ππ„π‹π„π“π’πŽ 𝐄𝐍𝐀 𝐄 𝐓𝐋𝐀 𝐓𝐒'πŽπ€π‘πŽπ€ π‹π„π“π’π€π“π’πˆππ† 𝐋𝐀 π‡πŽπ’π€ππ„ 𝐋𝐀 𝐋𝐀 πŸπŸ— π‡π‹π€πŠπŽπ‹π€ πŸπŸŽπŸπŸ’ πŒπ€ππ€π‹π„ππ† 𝐀 πŠπŽπ„π“π‹πˆπ’πŽ 𝐄𝐀 π’π„ππŽπ‹π„π’π€ (𝐏𝐓𝐂)

27/02/2024

π“π’π„ππˆπ’πŽ!!! π“π’π„ππˆπ’πŽ!!!π“π’π„ππˆπ’πŽ!!!

26/02/2024

Monga mabitso a latelang Palesa Lekhethanyane o koptjoa ho tla lata bukana ea hae ea ho eta e lahlehileng Ntlo kholo ea Home Affairs ka ofising ea liphatlalatso (Information Office)

09/02/2024

π“π‡π€ππ„π‹πŽ 𝐄𝐀 π’π„π‡πŽππŽπ“π’πŽ 𝐒𝐀 π“π‡π„πŽ 𝐄𝐀 𝐒𝐄𝐂𝐇𝐀𝐁𝐀 𝐒𝐀 ππ€π’πŽπ“π‡πŽ

Kajeno Basotho ba bokane Sefikeng sa Morena Moshoeshoe I ka sepheo sa ho rapela 'moho ho kopa mohau, bohlale le matla ka lepetjo la monongoaha le reng "tsoalo, boitekolo, le tsosoloso"

Ka la 4 Mphalane ngoahola Motlotlehi Letsie III o ile a khakola keteko ena e tla etsoa selemo le selemo ele sehopotso sa ho falla hoa Morena Moshoeshoe I ho tloha Menkhoaneng ho ea Thaba-Bosiu 'me a theha sechaba sa Basotho ka selemo sa 1884. Morena Moshoeshoe I o ile a hlola lintoa tse ngata le hona ho amohela lichaba tseo li ileng tsa batla bots'abeli Naheng ea Lesotho.

Ts'ebetso ena, ene e etelletsoe-pele ke lekhotla la Likereke Lesotho. Ha a rera Moruti Mamphethe Beatrice Motekoa a re re batla ho bona Lesotho ele Lesotho le hlokoang ke Molimo. "Tlohong Basotho re lokise Jerusalema eleng Lesotho re seke ra sala sekhobong, ho rialo Moruti Motekoa"

Har'a tse rapelletsoeng ke pholo, mesebetsi, bo'ngoe, toka, khotso, botsitso, katleho ea 'nete ea tsosoloso ea Bosotho, lerato la naha ho Basotho bohle, boetapele ba Naha, le lelapa la Borena bo Boholo. Ha ho phetheloa, Mokhatlo oa Bible Lesotho oa nehelana ka mpho ea buka ea bophelo ho Motlotlehi

09/02/2024

ππ€π’πŽπ“π‡πŽ 𝟐𝟎𝟎 π˜π„π€π‘π’ ππ€π“πˆπŽππ€π‹ ππ‘π€π˜π„π‘

02/02/2024

𝐅𝐔𝐍𝐄𝐑𝐀𝐋 π’π„π‘π•πˆπ‚π„ πŽπ… πŒπ‘. πŒπŽππ‡π€π“πŽ πŒπŽπ’π‡πŽπ„π“π„ πŒπŽππ˜π€πŠπ„ π–π‡πŽ, πƒπ”π‘πˆππ† π‡πˆπ’ 𝐓𝐄𝐍𝐔𝐑𝐄 𝐒𝐄𝐑𝐕𝐄𝐃 𝐀𝐒 πŒπˆππˆπ’π“π„π‘ 𝐈𝐍 𝐓𝐇𝐄 ππ‘πˆπŒπ„ πŒπˆππˆπ’π“π„π‘'𝐒 πŽπ…π…πˆπ‚π„, πŒπˆππˆπ’π“π„π‘ πŽπ… ππŽπ‹πˆπ‚π„ 𝐀𝐍𝐃 𝐇𝐄 𝐖𝐀𝐒 π€π‹π’πŽ πŽππ‚π„ π€πππŽπˆππ“π„πƒ 𝐀𝐒 πŒπˆππˆπ’π“π„π‘ πŽπ… π‰π”π’π“πˆπ‚π„ 𝐀𝐍𝐃 π‚πŽπ‘π‘π„π‚π“πˆπŽππ€π‹ π’π„π‘π•πˆπ‚π„π’

31/01/2024
Photos from Ministry of Home Affairs - Lesotho's post 29/01/2024

πŠπ„π“π„πŠπ„π‹πŽ 𝐄𝐀 π‡πŽ ππŽπ„π‹π€ π‡πŽπ€ π‹πˆπŠπŽπ‹πŽ π“π˜ 𝐋𝐄𝐁𝐀𝐋𝐄𝐍𝐆 𝐋𝐀 π‹πˆπŽπ‹πˆ

Kajeno ho bile le ketekelo ea ho boela hoa likolo lebaleng la Lioli Teyateyaneng (TY) moo teng ho neng ho abuoa limpho tse fapaneng le likhau ho baithuti ba likolo tse ipabotseng seterekeng sa Berea. Sena se susumelitsoe ke khoeheletso ea Letona la Thuto le Koetliso Mohlomphehi Ntoi Rapapa ea h**e baithuti ba likolo ba tlotloe le ho phalleloa molemong oa ho khahlanyetsa batsoali ba senang bokhoni ele h**e ba rutoana ba fuoe morolo.

Mosebetsi oo o ne o eteletsoe-pele ke Tona-Kholo Mohlomphehi Ntsokoane Matekane 'me mofani oa matlha ele Letona la Puso ea Libaka, Borena, tsa Lehae le Sepolesa Mohlomphehi Lebona Lephema.

Mohlomphehi Tona-Kholo Ntsokoane Matekane ha a bua o lebohetse Lioli haholo ka limpho tseo. A khothaletsa barutoana bohle h**e ba sebetse ka thata ba mamele matichere. Ha a tsoela-pele a thoholetsa matichere ka mosebetsi o tsoileng matsoho a nt'o khothatsa le likolo tse sa atlehang h**e ba tiise.

"Sepheo sa taba ena ke h**e barutoana ba ithute ntle ho ts'etiso ea letho", ho rialo Mohlomphehi Lephema. Ho sa le joalo, Letona le ile la etsa tlhokomeliso ka theko le thekisetsano ka batho 'ma khalemela haholo ho nyalisoa hoa bana ba tlase lilemong. A ruta barutoana mokhoa oa ho bolela ka matsoho ha ba bona ba le tlolotsing ea theko le thekisetsano ka batho.

Moithuti Sekolong se phahameng sa Asumption Keketso Lets'oara o amohetse Maloti a sekete (M1000) ka ho ba boemong ba bohlano (top 5) naha ka kakaretso ho tsoa ho Laluma Hardware. Sekolo se phahameng Cana se fuoe khau ea ho ba boemong ba botselela ka har'a naha likolong tse ipabotseng. Sekolo se phahameng sa Ts'ekelo se fuoe khau ea ho pasisa baithuti kaofela lithutong tsohle 'me bohle ba fumane (D) ho ea holimo. Se phahameng sa Malithuso sona se abetsow khau ea ho pasisa ka linaleli. E atlehile ho ba le (A*) tse robong (9) le (A) tse 45 sekong High quality pass with 9 A*s and 45As.

Hara tse ling tse abetaoeng baithuti le barutoana ke lieta tsa sekolo, sesepa se hlapang, sesepa sa meno le borache bameno.

Mosuoetsana oa sekolo se phahameng sa Cana, Mofumahali Makatleho Setlai o boletse h**e taba ena e ba tsosa molota ele matichere ha 'moho le baithuti. 'me ts'episa h**e ba tla sebetsa ka thata ho feta mona. Lebitsong la matichere Mosuoetsana Mats' iu Ts'iu oa sekolo sa mathomo sa TY LEC o itse Molimo a hlonolofatse matsoho oohle a faneng.

29/01/2024

π‹π„π“πŽππ€ 𝐋𝐀 ππ”π’πŽ 𝐄𝐀 π‹πˆππ€πŠπ€, ππŽπ‘π„ππ€, 𝐓𝐒𝐀 𝐋𝐄𝐇𝐀𝐄 𝐋𝐄 π’π„ππŽπ‹π„π’π€ π„ππˆπ‹π„ 𝐄 𝐋𝐄 πŒπŽπŠπ‡π„π“π‡πŽπ€ πŽπ€ π“π„π˜π€-π“π„π˜π€ππ„ππ† #πŸπŸ’ πŒπŽπ‡π‹πŽπŒππ‡π„π‡πˆ π‹π„ππŽππ€ π‹π„ππ‡π„πŒπ€ 𝐎 𝐍𝐄𝐇𝐄𝐋𝐀𝐍𝐀 πŠπ€ π’π„πŠπŽπ‹πŽ 𝐒𝐀 π‹πˆπŠπŽππ˜π€ππ€ πŒπŽπ“π’π„ππ† πŽπ€ 𝐓𝐋𝐀𝐏𝐀𝐍𝐄𝐍𝐆 π’π„π“π„π‘π„πŠπ„ππ† 𝐒𝐀 𝐁𝐄𝐑𝐄𝐀.

Ebile litlatse le menyakoe kajeno motseng oa Tlapaneng Berea kaha batsoali, matichere le barutoana ba ne ba amohela mpho-hali ea sekolo sa likonyana ho kenyeletsoa le thepa ea lithusa thuto.

Sekolo sena se butsoe ka molao ke Mohlomphehi Tona-kholo Ntsokoane Samuel Matekane le Mohlomphehi Lebona Lephema. Mohlomphehi Tona-Kholo o lebohetse sechaba ka mpho ena. A tsoela-pele ho eletsa sechaba sa metse e amehang ho hlokomela sekolo seo h**e se tle se tsoele basebelisi ba sona molemo le ka moso. Ke hona ketekelong ena moo Mohlomphehi Tona-kholo a atlehisitseng mokete ona ka likete tse leshome tsa Maloti ( M10,000.00.)

Mofani ebile e le Mokhethoa oa Ty # 24 Mohlomphehi Lebona Lephema o lebohetse matichere le bana, 'me a bonts'a h**e ha ba ne ba etsa kopo ea ho aheloa sekolo o ile a ba ts'episa h**e se tla ba teng, ke ka hona kajeno ba leng mona ho tla nehelana ka thepa ena. A re ena ke qaleho ea h**e bophelo ba bona bo fetohe.

Ha a lebohela sekolo sena,
Mosuoetsana Mats'episo Khomo-ngata o bonts'itse h**e o hlolletsoe haholo ke sena seo Mohlomphehi Lephema a se entseng sekolong sa habo sa Tlapaneng. A bonts'a h**e pele sekolo se ahoa, sechaba sa motse se ne se ikhahetse sekolo empa sa oa ke sefefo. " Ntate u fetohile Moshe oa rona. U re nts'itse Ekhepeta oa re kenya Kanana. Ka hona rea leboha".

29/01/2024

π‹π„π“πŽππ€ 𝐋𝐀 ππ”π’πŽ 𝐄𝐀 π‹πˆππ€πŠπ€, ππŽπ‘π„ππ€, 𝐓𝐒𝐀 𝐋𝐄𝐇𝐀𝐄 𝐋𝐄 π’π„ππŽπ‹π„π’π€ π„ππˆπ‹π„ 𝐄𝐋𝐄 πŒπŽπŠπ‡π„π“π‡πŽπ€ πŽπ€ π“π˜ #πŸπŸ’ πŒπŽπ‡π‹πŽπŒππ‡π„π‡πˆ π‹π„ππŽππ€ π‹π„ππ‡π„πŒπ€ 𝐎 𝐍𝐄𝐇𝐄𝐋𝐀𝐍𝐀 πŠπ€ π’π„πŠπŽπ‹πŽ 𝐒𝐀 π‹πˆπŠπŽππ˜π€ππ€ 𝐇𝐀 πŒπ€πŽππ„ π’π„π“π„π‘π„πŠπ„ππ† 𝐒𝐀 𝐁𝐄𝐑𝐄𝐀

Photos from Ministry of Home Affairs - Lesotho's post 25/01/2024

ππ€π“π‡πŽ 𝐁𝐀 πŒπ€ππˆπ“π’πŽ 𝐀 𝐋𝐀𝐓𝐄𝐋𝐀𝐍𝐆 𝐁𝐀 πŠπŽππ“π‰πŽπ€ π‡πŽ 𝐓𝐋𝐀 𝐋𝐀𝐓𝐀 π‹πˆππ”πŠπ€ππ€ 𝐓𝐒𝐀 ππŽππ€ 𝐓𝐒𝐀 π‡πŽ 𝐄𝐓𝐀 πŽπ…πˆπ’πˆππ† 𝐄𝐀 π‹πˆππ€π’π€ π’π„π“π„π‘π„πŠπ„ππ† 𝐒𝐀 πŒπŽπŠπ‡πŽπ“π‹πŽππ†

Photos from Ministry of Home Affairs - Lesotho's post 24/01/2024

ππ€π“π‡πŽ 𝐁𝐀 πŒπ€ππˆπ“π’πŽ 𝐀 𝐋𝐀𝐓𝐄𝐋𝐀𝐍𝐆 𝐁𝐀 πŠπŽππ“π‰πŽπ€ π‡πŽ 𝐓𝐋𝐀 𝐋𝐀𝐓𝐀 π‹πˆππ”πŠπ€ππ€ 𝐓𝐒𝐀 π‡πŽ 𝐄𝐓𝐀 πŽπ…πˆπ’πˆππ† 𝐄𝐀 π‹πˆππ€π’π€ π’π„π“π„π‘π„πŠπ„ππ† 𝐒𝐀 π‹π„π‘πˆππ„

Want your organization to be the top-listed Government Service in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Videos (show all)

π“π‹π‡πŽππ‡πˆπ’π„π“π’πŽ 𝐄𝐀 π‹π„π“π’π€π“π’πˆ 𝐋𝐀  π‡πŽ 𝐍𝐄𝐇𝐄𝐋𝐀𝐍𝐀 πŠπ€ πŒπ€π‘π€ππŽ 𝐀 𝐓𝐒'π„ππ„π“π’πŽ π‡πŽ 𝐄𝐀 𝐓𝐋𝐀𝐍𝐆 π‡πŽ 𝐓𝐒'πŽπ€π‘π€ πŒπŽπ‹π„ππŽ 𝐇𝐀 ππ€πŠπŽπ€ππ€ 𝐃𝐂𝐏 𝐃𝐑. πŒπ€π‡π‹π€ππ„ ...
π“π‡π€ππ„π‹πŽ 𝐄𝐀 π’π„π‡πŽππŽπ“π’πŽ 𝐒𝐀 π“π‡π„πŽ 𝐄𝐀 𝐒𝐄𝐂𝐇𝐀𝐁𝐀 𝐒𝐀 ππ€π’πŽπ“π‡πŽKajeno Basotho ba bokane Sefikeng sa Morena Moshoeshoe I  ka sepheo sa...
ππ€π’πŽπ“π‡πŽ 𝟐𝟎𝟎 π˜π„π€π‘π’ ππ€π“πˆπŽππ€π‹ ππ‘π€π˜π„π‘
ππ€π’πŽπ“π‡πŽ 𝟐𝟎𝟎 π˜π„π€π‘π’ ππ€π“πˆπŽππ€π‹ ππ‘π€π˜π„π‘
𝐅𝐔𝐍𝐄𝐑𝐀𝐋 π’π„π‘π•πˆπ‚π„ πŽπ… πŒπ‘. πŒπŽππ‡π€π“πŽ πŒπŽπ’π‡πŽπ„π“π„ πŒπŽππ˜π€πŠπ„ π–π‡πŽ, πƒπ”π‘πˆππ† π‡πˆπ’ 𝐓𝐄𝐍𝐔𝐑𝐄 𝐒𝐄𝐑𝐕𝐄𝐃 𝐀𝐒 πŒπˆππˆπ’π“π„π‘ 𝐈𝐍 𝐓𝐇𝐄 ππ‘πˆπŒπ„ πŒπˆππˆπ’π“π„π‘'𝐒 πŽπ…π…πˆπ‚π„...
𝐅𝐔𝐍𝐄𝐑𝐀𝐋 π’π„π‘π•πˆπ‚π„ πŽπ… πŒπ‘. πŒπŽππ‡π€π“πŽ πŒπŽπ’π‡πŽπ„π“π„ πŒπŽππ˜π€πŠπ„ π–π‡πŽ, πƒπ”π‘πˆππ† π‡πˆπ’ 𝐓𝐄𝐍𝐔𝐑𝐄 𝐒𝐄𝐑𝐕𝐄𝐃 𝐀𝐒 πŒπˆππˆπ’π“π„π‘ 𝐈𝐍 𝐓𝐇𝐄 ππ‘πˆπŒπ„ πŒπˆππˆπ’π“π„π‘'𝐒 πŽπ…π…πˆπ‚π„...
𝐅𝐔𝐍𝐄𝐑𝐀𝐋 π’π„π‘π•πˆπ‚π„ πŽπ… πŒπ‘. πŒπŽππ‡π€π“πŽ πŒπŽπ’π‡πŽπ„π“π„ πŒπŽππ˜π€πŠπ„ π–π‡πŽ, πƒπ”π‘πˆππ† π‡πˆπ’ 𝐓𝐄𝐍𝐔𝐑𝐄 𝐒𝐄𝐑𝐕𝐄𝐃 𝐀𝐒 πŒπˆππˆπ’π“π„π‘ 𝐈𝐍 𝐓𝐇𝐄 ππ‘πˆπŒπ„ πŒπˆππˆπ’π“π„π‘'𝐒 πŽπ…π…πˆπ‚π„...
𝐅𝐔𝐍𝐄𝐑𝐀𝐋 π’π„π‘π•πˆπ‚π„ πŽπ… πŒπ‘. πŒπŽππ‡π€π“πŽ πŒπŽπ’π‡πŽπ„π“π„ πŒπŽππ˜π€πŠπ„ π–π‡πŽ, πƒπ”π‘πˆππ† π‡πˆπ’ 𝐓𝐄𝐍𝐔𝐑𝐄 𝐒𝐄𝐑𝐕𝐄𝐃 𝐀𝐒 πŒπˆππˆπ’π“π„π‘ 𝐈𝐍 𝐓𝐇𝐄 ππ‘πˆπŒπ„ πŒπˆππˆπ’π“π„π‘'𝐒 πŽπ…π…πˆπ‚π„...

Telephone

Address


Maseru

Opening Hours

Monday 08:00 - 16:30
Tuesday 08:00 - 16:30
Wednesday 08:00 - 16:30
Thursday 08:00 - 16:30
Friday 08:00 - 16:30
Other Maseru government services (show all)
U.S. Embassy Maseru U.S. Embassy Maseru
254 Kingsway Road
Maseru, 100

The American people have a long and close relationship with the Basotho people. The U.S. Embassy in

ABC Kobo-Tata Maama #45 ABC Kobo-Tata Maama #45
Roma
Maseru

OFFICIAL FACEBOOK PAGE OF ALL BASOTHO CONVENTION (ABC KOBO-TATA EA BASOTHO) MAAMA #45

Nthati Lebona Tsolo#35 Nthati Lebona Tsolo#35
Ha Tsolo, Masowe 2
Maseru, 100

Bap - Stadium Area #32 Bap - Stadium Area #32
Stadium Area
Maseru

Political party

Ministry of Trade, Industry and Business Development Ministry of Trade, Industry and Business Development
Kingsway Road
Maseru, 100

The Ministry of Trade, Industry, and Business Development is mandated to facilitate the development, and promotion of trade, industrial expansion, and business, through formulation...

Revolution for Prosperity Revolution for Prosperity
Maluti Road
Maseru, 100

A revolutionary political party

Teboho rakoto Teboho rakoto
300
Maseru

Rejoice's entercing stories Rejoice's entercing stories
Ponts'eng , Box 120
Maseru, 1235

Strories of romance, love and hate, com and kill you boredom grab your popcorn lets enjoy

RFP Youth Qeme #47 RFP Youth Qeme #47
Qeme #47
Maseru

Moruooo οΏ½οΏ½οΏ½οΏ½οΏ½